Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:14 - BIBELE

14 Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:14
23 Referencias Cruzadas  

Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”


Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


A phuphuthisa leru, la ba kwahela; mollo wa ba bonesetsa bosiu.


Motsheare a ba etella pele ka leru, bosiu bohle ka kganya ya mollo.


Ditjhaba tsa utlwa, mme tsa thothomela, baahi ba Filesitia ba tshwarwa ke tshabo.


Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.


Hona jwale ho tla tsejwa kang hore o nkgauhetse, nna le setjhaba see sa hao? Na hase ka ho tsamaya le rona, e le hore nna le setjhaba see re tle re kgethehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?”


Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona.


Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong.


Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.


Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: ‘Re bontshe Ntate’?


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


“Jwalokaha Morena Modimo wa rona, a ne a re laetse, ra tswela pele leetong, ho tloha Horebe; ra feta hara lehwatata lane le leholo, le tshabehang, leo le ileng la le bona, tseleng e yang naheng e maralla ya Baamore, ra ya fihla Kadeshe-Barenea.


Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane.


le re: ‘Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela.


Morena o ile a bua le rona difahleho di tadimane, a le hodima thaba, a bua a le kahara mollo.


Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos