Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:14
23 Referencias Cruzadas  

Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.


Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


A phutholla leru ho ba sireletsa, le mollo ho ba bonesetsa bosiu.


motshehare wa ba tsamaisa ka leru, le bosiu bohle ka kgabo ya mollo.


Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia.


Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


Hobane leru la Jehova le ne le le tabernakeleng motshehare, bosiu e be mollo, pontsheng ya ba ntlo yohle ya Iseraele, ho tsamayeng hohle ha bona.


Enere ha ba tloha moo ba neng ba emisitse teng, leru la Jehova le ne le le hodima bona motshehare.


ke bua le yena ka molomo o bapileng le molomo, ka ho iponahatsa, e seng ka mokgwa wa ho lotha; o boha sefahleho sa Jehova. Ha ho le jwalo, ho ile kang ha le sa ka la tshaba ho bua hampe ka mohlanka wa ka, Moshe, na?


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.


Ha ho a ka ha boela ha eba moporofeta Iseraeleng ya jwaloka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se tadimane le sefahleho.


la re: Bona, Jehova, Modimo wa rona, o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae; re utlwile lentswe la hae, le buang le le hara mollo; re bone kajeno ha Modimo o bua le motho, mme motho a phela.


Jehova o buile le lona, difahleho di tadimane, a le thabeng, hara mollo.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos