Nehemia 9:6 - BIBELE “Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao. |
Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.
Ka mokgwa o jwalo Modimo a qeta ho etsa lehodimo, le lefatshe, le tsohle tse lehodimong, le lefatsheng, le lewatleng.
mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.
Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.
“Empa na ruri Modimo o tla hle a ahe lefatsheng? Bona, esita le lehodimo la mahodimo ha le a o lekana; ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?
A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”
Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!
Ka ba ka re: “Modimo wa ka, o se ke wa ntlosa lefatsheng ke sa le mahareng a bophelo ba ka. Wena dilemo tsa hao di akaretsa meloko yohle.
Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae.
Ke yena ya entseng mahodimo le lefatshe, lewatle le tsohle tse ho lona. O tshepahala kamehla,
Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.
“Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”
“Wena Iseraele, o paki ya ka,” ho rialo Morena, “o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, o tle o tsebe, o dumele ho nna, mme o utlwisise hore ke nna Modimo. Ha ho modimo o bopilweng pele ho nna, kapa ha eba le o mong kamorao ho nna.
“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.
O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng!’ ”
Ke entse lefatshe ka ba ka le bopela motho, esita le mahodimo ka a ala ka matsoho a ka, le dinaledi tsohle tsa lehodimo di laelwa ke nna.
“Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.
Ke ile ka ba nea ditaelo tsa ka, ka ba ruta melao eo ereng ha motho a e boloka a phele.
Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.”
Yare hoba ba utlwe, ba phahamisetsa mantswe ho Modimo ka maikutlo a le mang, ba re: “Monghadi, wena ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona;
“Bona, lehodimo, le lehodimo la mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho lona, ke tsa Morena Modimo wa hao.
“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.
Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re: “Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.”
La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”
“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”