Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:9 - BIBELE

9 Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:9
17 Referencias Cruzadas  

Modimo a re loapi ke “lehodimo”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bobedi.


“Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela.


O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi.


Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane.


o hahile ntlo ya bokgosi ba hao kahodimo ho maru. Maru o a entse kariki ya hao, o fofa ka mapheo a moya.


Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.


Lewatle ke la hae, ke yena ya le entseng; lefatshe o le bopile ka diatla tsa hae.


Dinoka tsohle di phallela lewatleng, empa lewatle ha le ke le tlala. Moo dinoka di phallelang teng, ke moo di phallelang teng kamehla.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.”


Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.


la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos