Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 14:7 - BIBELE

7 La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 14:7
44 Referencias Cruzadas  

La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”


“Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela.


Morena a ke a le hlohonolofatse, yena ya entseng mahodimo, a etsa le lefatshe.


Thuso ya rona e tswa ho Morena, ya entseng mahodimo le lefatshe.


Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.


Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo?


Lewatle ke la hae, ke yena ya le entseng; lefatshe o le bopile ka diatla tsa hae.


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng.


Lentswe le ile la re: “Howa!” Yaba nna ke re: “Ke tla howa ke reng?” Ere: “Batho bohle ba jwaloka jwang, tlotla ya bona e ka ya palesa tsa naha.


Wena Sione, ya tlisang molaetsa o molemo, nyolohela thabeng e phahameng. Wena Jerusalema, ya tlisang molaetsa o molemo, howeletsa haholo o se na tshabo. Bolella metse ya Juda, o re: “Bonang, Modimo wa lona ke enwa!”


Ba ke ba tlotlise Morena, ba phatlalatse thoriso ya hae dihlekehlekeng.


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena ho naha ya Iseraele: Pheletso e fihlile! Pheletso e fihletse diqola tse nne tsa naha.


Pheletso e fihlile; pheletso e fihlile, e le lebeletse; bonang, e fihlile.


Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo.


“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.


Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!


“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”


Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?”


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela!’ “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.


Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re: “ ‘Ho madimabe! Ho madimabe! Motse o moholo, moo bohle, ba neng ba ena le dikepe lewatleng, ba ileng ba ruiswa ke leruo la wona! Empa o fedisitswe ka nako ya hora feela!


Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng: “Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka bohle ba hae, le lona ba mo tshabang, ba banyenyane le ba baholo.”


“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”


Ha dibopuwa tse phelang di isa tlotla, le hlompho, le teboho, ho ya dutseng teroneng, ho ya phelang kamehla le mehla,


Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme naledi e kgolo, e tukang jwaloka serumola, ya wa lehodimong. Ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka, le hodima didiba.


Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios