A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
“Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela.
Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.
Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”
“Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.
Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa.
Morena Modimo o bua tjena, yena ya bopileng mahodimo a ba a a ala, ya phutholotseng lefatshe le tsohle tse ho lona, ya neang baahi ba lona moya o ba phedisang, le bophelo ho bohle ba phelang ho lona:
Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi.
Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong.
O leballang Morena, e leng Mmopi wa hao, yena ya ileng a ala mahodimo, a ba a rala metheo ya lefatshe? O phelelang ka tshabo, ka matsatsi wohle, ka baka la kgalefo ya mohatelli ya rerileng ho o timetsa? E kae kgalefo ya mohatelli eo?
Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione: ‘O setjhaba sa ka.’ ”
Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:
Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.
hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape.
ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.
Yare hoba ba utlwe, ba phahamisetsa mantswe ho Modimo ka maikutlo a le mang, ba re: “Monghadi, wena ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona;
rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.
Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.
Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona.
la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng.
La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”
“Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re: “Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,
“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”