Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo.
Nehemia 6:1 - BIBELE Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati. Sesotho 1909/1961 (SO) Sanballate, le Tobia, le Gesheme Moarabe, le dira tse ding tsa rona, eitse ha ba utlwa hore ke tsositse lerako, le hore ha ho sekgeo se setseng ho lona, — leha ke ne ke eso ho kenye mamati a menyako ho fihlela motsotso oo — |
Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo.
Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.
Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”
Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele.
Bara ba Hasena bona ba haha Monyako wa Ditlhapi, ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.
Monyako wa Kgale wona wa tsoswa ke Jehoyada, mora wa Paseya, le Meshulame, mora wa Besodeya. Ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.
Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi.
“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!