Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:10 - BIBELE

10 Ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, ba utlwela taba ena ya hore ho fihlile monna ya tlilo ntlafatsa tsa bophelo ba bana ba Iseraele, ba tshwenyeha haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:10
26 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,


E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.


Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo.


Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”


Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo.


Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.


Ha dira tsa rona tsohle di utlwela taba ena, mme le baditjhaba bohle ba re potapotileng ba bona dintho tsena, ba swaba, hobane ba ne ba bone hore mosebetsi ona o entswe ka thuso ya Modimo wa rona.


Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso.


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?


Ke lekgoba leo ebang kgosi, le sethoto se nyonyobetseng,


Ke bone makgoba a kaletse dipere, mahosana wona a tasola seka makgoba.


Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.


Yaba Ishemaele o thopa baradi ba kgosi le masalla wohle a setjhaba a neng a le Misepa, ao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a a beile tlasa bodisa ba Gedaleya, mora wa Ahikama. Ishemaele, mora wa Netaniya, a a thopa, a tsamaya le wona, a tshelela mose ho Baamone.


“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.


Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela teng ba ntse ba lla; tseleng e theohelang Horonaime ho utlwahala dillo tse reng: ‘Koduwa!’


Ba ne ba tshwenyehile hobane baapostola bao ba ne ba ruta batho le ho phatlalatsa hore tsoho ya bafu e teng ka Jesu.


Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos