Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:19 - BIBELE

19 Nehemia a re: “Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo, ka baka la tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Oho, Modimo wa ka, elellwa tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena, o nketse hantle ka baka la tsona!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:19
13 Referencias Cruzadas  

Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.


“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.


Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona. O se ke wa lebala mesebetsi ya ka e metle, eo ke e etseditseng Tempele ena ya Modimo wa ka, le ditshebeletso tsa yona!”


Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”


Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya. Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!”


Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa.


Bohle ba o batlang ba ke ba nyakalle, ba o thabele. Ba ratang ho pholoswa ke wena, ba nne ba re: “Morena o moholo!”


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


Kannete ke a le bolella, mang le mang ya le fang mohope wa metsi kahobane le le ba Kreste, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos