Nehemia 7:1 - BIBELE1 Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Eitse hobane lerako le phethehe, ka kenya mamati a menyako, mme balebedi ba bewa kabelong ya bona, le tsona dibini, le Balevi. Ver Capítulo |
Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.
Bana ba Iseraele, le bana ba Levi, ba tla tlisa nyehelo ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, ka dikamoreng tseo ho bolokelwang thepa ya Sehalalelo ka ho tsona, e leng moo baprista ba sebeletsang teng, le balebedi ba menyako, le dibini, ba dulang teng. “Ha e le rona, re ke ke ra furalla Tempele ya Modimo wa rona.”