Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Sanballate, le Tobia, le Gesheme Moarabe, le dira tse ding tsa rona, eitse ha ba utlwa hore ke tsositse lerako, le hore ha ho sekgeo se setseng ho lona, — leha ke ne ke eso ho kenye mamati a menyako ho fihlela motsotso oo —

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:1
10 Referencias Cruzadas  

Tseo di eso ho be teng, Eliashibe, moprista ya neng a beilwe mohlahlobi wa dikamore tsa ntlo ya Modimo wa rona, e le wa habo Tobia,


Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.


Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.


Monyako ya Dihlapi wona wa hahuwa ke bara ba Hassenaa; ba etsa difate tsa wona, ba kenya le mamati le dinotlolo le mekwallo.


Monyako wa Kgale wona wa lokiswa ke Jojada, mora Pasea, le Meshullame, mora Besodia; ba bea difate tsa wona, mme ba kenya mamati le dinotlolo le mekwallo.


Eitse ha Sanballate a utlwa hobane re boetse re tsosa lerako, a belaela, a halefa haholo, mme a soma ka Bajuda.


Eitse hobane lerako le phethehe, ka kenya mamati a menyako, mme balebedi ba bewa kabelong ya bona, le tsona dibini, le Balevi.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos