Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”
Nehemia 10:32 - BIBELE “Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona, Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ra ipeela melao, ra itlama hore re tla nne re ntshetse tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona karolo ya boraro ya shekele ka selemo se seng le se seng; |
Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”
Dinthong tse ileng tsa hapuwa ntweng, ba fana ka tse ding hore di tle di sebediswe Tempeleng ya Morena.
Mehleng yona eo, ka bona batho ba bang naheng ya Juda, ba tlhotlang veine ka Sabatha, ba bang ba tlisa mangata a koro, ba a belesitse hodima ditonki, le veine, le morara, le feiye, le thepa ya mefutafuta, eo ba neng ba e tlisa Jerusalema ka Sabatha. Ka ba kgalemela hore ba se ke ba rekisa dijo ka tsatsi leo.
Bontata lona ba ne ba etse tjena, mme Modimo wa rona a re otla, a ba a otla le motse ona. Jwale, ka ho hlompholla Sabatha, le etsa hore Modimo a halefele Baiseraele le ho feta.”
Ka ba kgalemela, ka re: “Le roballang kantle ho lerako? Ha le ka la boela la etsa jwalo, ke tla le isa letsoho.” Ho tloha tsatsing leo, ha ba a ka ba hlola ba etla ka Sabatha.
Le rona, le bana beso, le bahlanka ba ka, re ka nna ra lefisa batho bana tswala hodima tjhelete le koro eo re ba adimang yona. Ke a le kopa hle: A re tloheleng tswala ena!
Wa ba ruta Sabatha se halalelang sa hao, ka mohlanka wa hao Moshe wa ba beela melao, le ditaelo, le dikahlolo.
Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.
Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.