La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mikea 6:13 - BIBELE

Kahoo ke se ke qadile ho le otla, ke le timetsa ka baka la dibe tsa lona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Haele nna, ke se ke ya o otla habohloko, ke o senye ka baka la dibe tsa hao.

Ver Capítulo



Mikea 6:13
16 Referencias Cruzadas  

Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


Ha ke tsamaya ke kena hara naha, ke bona ba bolailweng ka sabole! Ha ke re ke kena kahara motse, ke bona ba bolailweng ke sekoboto! Moporofeta le moprista ka ho tshwana ba lelera hara naha ba sa e tsebe.’ ”


Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle.


O nkgelositse tseleng ya ka, a ntsekolla, a ntshiya moo ke hloka mothusi.


Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe.


Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.”


Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo, naha ya Efraime e tla fetoha nanaola. Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele, ke e phatlalletsa seo e leng nnete.


le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona.


Qeba la Samaria le a petla, ha le na pheko, le petlile la ya tshwaetsa le Juda, la ya fihla le kgorong ya tjhaba sa ka, la ba la ya fihla le Jerusalema.”


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona.


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.