Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 6:11 - BIBELE

11 Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;

Ver Capítulo Copiar




Isaia 6:11
28 Referencias Cruzadas  

Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla?


Morena, o tla re halefela ho fihlela neng? Lefufa la hao le tla nne le tuke, le tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Ako boele o re hopole, Morena! O tla dieha ho fihlela neng? Qenehela bahlanka ba hao. E sa le hoseng,


Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena?


Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona.


Ke tla etsa hore motho a hlokehe, sa kgauta e hlwekisitswe, a hlokehe sa kgauta ya Ofire.


Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.


Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.


Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,


Lehwatata le letswatlare di tla thaba, lefeella le nyakalle, palesa di thunye.


Morena wa mabotho o nnyenyeleditse, a re: “Matlo a mangata a tla sala e le dithako, matlo a maholo, a matle, a hloke baahi.


“Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko.


Metse e halalelang ha hao e fetohile lehwatata, Sione ke lehwatata, Jerusalema ke nanaola.


Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda: “Le hoja ho nna o ka Gileade, o tshwana le tlhoro ya Lebanone, ruri ke tla o fetola lehwatata, ke o fetole metse e hloka baahi.


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le bone koduwa e kgolo eo ke e dihetseng hodima Jerusalema le metse yohle ya Juda. Kajeno le a bona hore e fetohile lesupi, mme ha ho motho ya ahileng ho yona.


Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.


Hohle moo le phelang teng metse e tla fetoha masupi, dibaka tsa lona tsa borapedi di heletswe, e le hore dialetare tsa lona di tle di senngwe, di sale di le feela. Medimo ya lona ya bohata e tla pshatlwa, e fele, difika tseo le di kgumamelang di heletswe, mme tsohle tseo le di entseng di fediswe.


Jwale ka utlwa mohalaledi e mong a bua, mme e mong hape a botsa eo ya buang, a re: “Dintho tsee tse bonweng ponong di tla ba teng ho fihlela neng? E tla ba nako e kae ho ntse ho etswa manyala bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng, ho hatakelwa mabotho a lehodimo le Sehalalelo?”


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi.


Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: ‘Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.’ ”


Ke tla heletsa metse ya naha ya lona, ke qhaqhe qhobosheane tsohle tsa lona.


Kahoo ke se ke qadile ho le otla, ke le timetsa ka baka la dibe tsa lona.


Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona.


Le tla sala le le mmalwana ka palo, le hoja le ne le le letshwele le lekaalo ka dinaledi tsa lehodimo, hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena Modimo wa hao.”


“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos