Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:14 - BIBELE

14 Le tla ja, empa le ke ke la kgora! Le tla sala le ntse le lapile jwalo. Le tla ba le mahlaba a pelehi, empa bana bona le ke ke la ba beleha; esita leha le ka beleha bana, bana bao ke tla ba bolaya ka sabole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo!

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:14
15 Referencias Cruzadas  

Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.


“Ya balehang ke ho tshaba o tla wela ka lemeneng, ya tswang ka lemeneng raba le tla mo tshwasa. Tsena tsohle ke tla di tlisetsa ba Moabe, ke ba tlisetse tsona ka lemo sa kotlo ya bona,” ho rialo Morena.


Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.


“Ba tla ja mahlabelo, empa ba ke ke ba kgora; ba tla ineella bootswa, empa ba ke ke ba ata, hobane ha ba sa tsotella Morena,


Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.


Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”


Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos