Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.
Mikea 6:1 - BIBELE Mamelang seo Morena a se bolelang: “Emang le behe nyewe ya lona, le e behe kapele ho dithaba, maralla a ke a utlwe boipiletso ba lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Utlwang he seo Jehova a se bolelang: Ema, o tseke pontsheng ya dithaba, maralla le wona a utlwe lentswe la hao! |
Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.
Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.
“Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena.
“ ‘Empa lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela makala, le behele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana, hobane se haufi se kgutlela ha habo sona.
Yaba o re ho nna: “Porofetela masapo ana, o re ho wona: ‘Lona masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Morena!
o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena ho dithaba le ho maralla, le ho dinoka le ho dikgohlo: Nna ka sebele sa ka, ke tla le bolaya ka sabole, mme ke fedise dibaka tsa lona tsa borapedi.
Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta:
Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang.
Dithaba di tla qhibidiha tlasa maoto a hae, fatshe le peperane, ho hlahe dikgohlo; dithaba di qhibidihe sa tshotso e utlwa mollo, di phorosele sa metsi a theoha mothipoloheng.
Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.
“Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka.
lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.
Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.
Yaba Samuele o re ho Saule: “Bea butle; ke tla o bolella seo Morena a se buileng ho nna bosiung bona.” Saule a re ho Samuele: “A ko bue!”