Mikea 5 - BIBELE1 Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng. Mmusi ya tswang Betlelehema 2 “Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.” 3 Kahoo Morena o tla furalla Baiseraele, a ba furalle ho fihlela mosadi a beleha; ke moo Baiseraele ba tla kgutla, ho kgutle Baiseraele ba phonyohileng, ba kgutle, ba ikopanye le bana babo bona. 4 O tla ema, a alose mohlape wa hae, a o alose ka matla a tswang ho Morena, ka bitso le tlotlehang la Morena Modimo wa hae. Ba tla phela ba sireletsehile, hobane boholo ba hae bo tla nama, bo namele pheletsong tsa lefatshe. 5 Yena e tla ba kgotso ya bona. Ha Asiria e futuha, e futuhela naha ya rona, qhobosheane tsa rona e di ripitla, re tla e neella ka balaodi ba supile, le ka mahosana a robedi a setjhaba. Asiria e a otlwa 6 Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona. Masalla a Jakobo hara ditjhaba 7 Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho. 8 Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona. 9 Tsoho la hao le tla phahamela hodimo, le phahamele hodima ba o lwantshang, dira tsa hao tsohle di tla timetswa. Medingwana e a fediswa 10 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bolaya dipere tsa lona, ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa. 11 Ke tla heletsa metse ya naha ya lona, ke qhaqhe qhobosheane tsohle tsa lona. 12 Boloi ba lona ke tla bo fedisa, le ho laola ha le sa tla laola. 13 Medingwana ya lona ke tla e pshatlaka, le ditshiya tsa lona tse halalelang; ha le sa tla hlola le obamela mesebetsi ya lona, e leng mesebetsi ya matsoho a lona. 14 Tshiya tsa lona tsa Ashera ke tla di koqola, le metse ya lona ke e heletse. 15 Ka bohale le ka kgalefo ke tla iphetetsa, ditjhaba tse sa mmameleng ke di otle.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa