Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 5:6 - BIBELE

6 Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole, le naha ya Nimerode ka sabole e motsutswe; mmusi ya tswang Betlelehema o tla re namolela, a re namolele matleng a Asiria ha e futuhela naha ya rona, e hwanka kahara meedi ya rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 5:6
26 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Kushe a tswala Nimerode. Nimerode ke yena eo e bileng mohale wa pele, e moholo, lefatsheng.


Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Ha ke buile e ne e ba le se le dumme, polelo tsa ka di kena hamonate tsebeng tsa bona.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


A be jwaloka pula a nelang jwang, le jwaloka medupe e nwesetsang lefatshe.


Tjhaba di tla felehetsa Baiseraele, di ba felehetse ho ya naheng ya bona; Baiseraele ba tla okamela ditjhaba, ba di etse bahlanka naheng ya Morena, ba di etse makgabunyane naheng ya Morena. Ba tla thopa bathopi ba bona, ba buse bahatelli ba bona.


Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona,


O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


Ebe jwale letsaba la tau le hokae? Selao sa ditawana sona se kae? Moo tau e neng e fepela teng ke kae? Moo tawana di neng di ipothela, di ipothela teng, di se na tshabo?


Morena o tla otlolla tsoho la hae, a le otlollele leboya, a le otlolle, a timetse Asiria, a timetse Ninife, e fotohe nanaola, e sale e omeletse e ka lehwatata.


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


O ne a re o tla re pholosa direng tsa rona, le matsohong a bohle ba re hloileng;


ho mo sebeletsa re se na tshabo, re namoletswe matsohong a dira tsa rona,


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos