Mikea 5:13 - BIBELE13 Medingwana ya lona ke tla e pshatlaka, le ditshiya tsa lona tse halalelang; ha le sa tla hlola le obamela mesebetsi ya lona, e leng mesebetsi ya matsoho a lona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao. Ver Capítulo |
Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.
Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.