Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:16 - BIBELE

16 Yaba Samuele o re ho Saule: “Bea butle; ke tla o bolella seo Morena a se buileng ho nna bosiung bona.” Saule a re ho Samuele: “A ko bue!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Samuele a re ho Saule: Lesa, ke o tsebise seo Jehova a mpoleletseng sona bosiung bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:16
8 Referencias Cruzadas  

Ha fela ha eba jwalo. Ha Ahiya a utlwa diqi tsa mosadi ha a atamela monyako, yaba o re: “Kena, wena mohatsa Jeroboame! Ke ka baka lang ha o ikgakantse tjee, hore e ke o mosadi e mong? Ke na le ditaba tse bohloko, tseo ke tshwanetseng ho o tsebisa tsona.


Empa kgosi ya re ho yena: “Eka kgona ke o laele hakae hore o se mpolelle letho, haese nnete feela, ka lebitso la Morena?”


Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena ya matla wohle:


Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.


Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.


Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.”


Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.


Ha ba theohela ho ya qetellong ya motse, Samuele a re ho Saule: “Ere mohlanka wa hao a fetele kapele ho rona,” eo a fetela kapele, “empa wena o eme themelele! mme ke tla o bolella molaetsa wa Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos