Mikea 5:1 - BIBELE Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng! |
Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.
Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.
Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
ke hlodilwe kgale, pele ho mehla yohle, ke hlodilwe tshimolohong, fatshe le eso be teng.
Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.
Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa.
Hlabang mokgosi, lona matjhaba, le tla robokelwa! Mamelang, lona ba naha tse hole! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa! Hlomellang ntwa, le tswe le robokelwa!
Seeta sa mohlabani ka mong, seaparo ka seng se sudubantsweng mading, tsena di tla akgelwa mollong, di tjheswe.
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.
O tla tjheswa ke mollo, o bo timele, madi a hao a tshollelwe naheng ya heno; ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa, hobane nna ke leng Morena, ke buile.’ ”
“Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella.
“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!
“Phatlalletsang ditjhaba hona, le re: ‘Hlomellang ntwa! Bitsang bahale! Bahlabani bohle ba ke ba atamele, ba atamele, ba tlo futuha!
Mmusi wa Moabe ke tla mo timetsa, ke mmolaye le mahosana a hae kaofela,” ho rialo Morena.
Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona.
Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.
Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,
Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;
Yare ha a rialo, e mong wa balebedi ya neng a eme haufi, a jabela Jesu, a re: “Na o hle o arabe Moprista e Moholo jwalo?”
hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.
“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;
Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.
Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.