Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 49:10 - BIBELE

10 Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.

Ver Capítulo Copiar




Genese 49:10
58 Referencias Cruzadas  

O tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae kamehla yohle.


Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


Ba morabe wa Juda ba neng ba tshwara thebe le lerumo, e ne e le banna ba dikete tse tsheletseng le makgolo a robedi.


Bana bohle ba qeta matsatsi a mararo ba ena le Davida, ba ntse ba eja, ba enwa tseo bana babo bona ba neng ba ba lokiseditse tsona.


Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe.


Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso.


empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang.


Mohlang oo, setlohololo sa Jese se tla ema e le mokgele wa ditjhaba; ditjhaba tsohle di tla se batla, sebaka seo se tla phomola ho sona se tla tlotleha.


Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.


Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa.


“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


“Tsoha, phatsima, hobane sedi la hao le tlile, tlotla ya Morena e phatsima hodima hao.


Morena o entse phatlalatso, a e etsa ho ya fihla dipheletsong, pheletsong tsa lefatshe: “Bolellang moradi wa Sione, le re: ‘Mopholosi wa hao o sa le tseleng, o tla a nkile moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.’ ”


Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.


Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.


ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”


Makala a sona a nyanya hantle, a etsetsa babusi mare a puso; fate sa hola, sa lopalla hara makala, sa lopalla, sa ebesela makala.


Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso.’ “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”


Lesupi! Lesupi! Motse ona ke tla o etsa lesupi! Ha o ka ke wa tsoswa ho fihlela eo e leng monga wona a fihla, ebe ke mo nea wona.’ ”


O tla tjheswa ke mollo, o bo timele, madi a hao a tshollelwe naheng ya heno; ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa, hobane nna ke leng Morena, ke buile.’ ”


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.


Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng.


Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Ke tla ba tshedisa lewatle la ditlokotsi, maqhubu a bilohang ke a bobise, dikweetsa tsohle tsa Nile ke di pshese. Boikakaso ba Asiria bo tla kokobetswa, puso ya Egepeta le yona e fele.


“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.


Sediba se tjhekilweng ke mahosana, sa habollwa ke marena a setjhaba, ka lere la kgosi le ka mare a marena.” Ho tloha Sedibeng ba ya Matana;


“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.


Jakobo o busa dira tsa hae, mme o timetsa masalla a motseng.”


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi;


mme nna, ha ke se ke phahamisitswe, ke tlohile lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.”


Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka ho ya ka molao wa lona.” Bajuda ba re ho yena: “Ha re na tokelo ya ho bolaya motho.”


Ho tloha moo Pilato a batla ho mo lokolla, empa Bajuda ba howa, ba re: “Ha o lokolla motho enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya iketsang kgosi o hanyetsa Sesare.”


Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?” Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”


mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Esaya le yena o re: “Ho tla tla setloholo sa Jese, se tla bewa ho busa baditjhaba, mme baditjhaba ba tla se tshepa.”


hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.


Kobo ya ngwana wa hae wa lesea, e tswang pakeng tsa dinoka tsa hae, o tla e ja ka lekunutu; a je esita le bana bao a ba tswetseng, hobane a hloka tsohle, ka baka la thibella ena le tsietsi ena, eo dira tsa hao di tla o etsetsa yona dikgorong tsohle tsa metse ya heno.”


Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos