Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:67 - BIBELE

67 Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

67 Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

67 Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka dithupa; ba bang ba mo otla ka matsoho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

67 Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka dithupa; ba bang ba mo otla ka matsoho;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:67
24 Referencias Cruzadas  

Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”


Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.


Batho ba bangata ba ne ba mo makaletse, tshobotsi ya hae e ne senyehile ho feta ya bohle, sebopeho sa hae se sa tshwane le sa batho.


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.


A se ke a thibela ya mo jabelang lerama, a mamelle mahlapa wohle a mo tlelang.


O re entse hore re be mahohodi, re be thotobolo hara baditjhaba.


Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”


ba re: “Re porofetele, Kreste: Ke mang ya o otlileng?”


Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.


Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;


ba tla mo soma, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape, ba mmolaye, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.”


Ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ho mo kgurumetsa sefahleho, ho mo otla ka ditebele, ba re ho yena: “Porofeta!” Le bona balebedi ba ne ba mo jabela.


Ba mmata hloohong ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba koqama ka mangwele sa mokana ba mo kgumamela.


Yare ha a rialo, e mong wa balebedi ya neng a eme haufi, a jabela Jesu, a re: “Na o hle o arabe Moprista e Moholo jwalo?”


ba nto tla ho yena, ba re: “Ahe, kgosi ya Bajuda!” mme ba mo jabela.


ha ba re senya mabitso, re phaphatha kgotso. Re fetohile dithole ho lefatshe lohle, le manyala ho bohle, ho fihlela jwale.


mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: ‘Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!’


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos