Joele 3 - BIBELEMorena o tla ahlola ditjhaba 1 “Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema. 2 Ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele ka Kgohlong ya Jehoshafate, ke di ahlolele hona kateng, ka baka la setjhaba sa ka, setjhaba sa ka sa Iseraele, hobane di ile tsa se qhalanyetsa hara baditjhaba, tsa arola naha ya ka dikotokoto. 3 Di ile tsa laola setjhaba sa ka ka lotho, tsa ananya moshanyana ka seotswa, tsa reka veine ka ngwanana, hore di tle di e nwe. 4 “Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako. 5 Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona. 6 Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona. 7 “Bonang, ke tla ba kgutlisa dibakeng tsohle tseo le ba rekisitseng ho tsona, ke phetetse seo le se entseng. 8 Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena. 9 “Phatlalletsang ditjhaba hona, le re: ‘Hlomellang ntwa! Bitsang bahale! Bahlabani bohle ba ke ba atamele, ba atamele, ba tlo futuha! 10 Kgobang mehoma ya lona, le etse disabole; leotsang disekele tsa lona, le etse marumo! Ya fokolang a ke a re: “Nna ke mohale!” 11 Lona ditjhaba tsohle, phallang, kgobokanang, le phuthehele ka Kgohlong!’ ” Morena, laola bahale ba hao ba theohe. 12 “Ditjhaba di ke di itokise, di theohele ka Kgohlong ya Jehoshafate; ke tla dula kateng, ke di ahlole, ke ahlole tjhaba tsohle tse phuthehileng. 13 Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!” 14 Matshweletshwele a sa le ka Kgohlong ya Kahlolo! Letsatsi la Morena le haufi, le atametse, tsatsi la ho theohela ka Kgohlong ya Kahlolo. 15 Letsatsi le kgwedi di tla fifala, dinaledi le tsona di ke ke tsa phatsima. Morena o tla hlohonolofatsa setjhaba sa hae 16 Morena o tla puruma a le Sione, a thwathwaretse a le Jerusalema, mahodimo le lefatshe di reketle. Morena ke setshabelo sa tjhaba sa hae, ke qhobosheane ya tjhaba sa Iseraele. 17 “Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona. 18 “Mohla tsatsi leo, thaba di tla rothisa veine, maralla wona a kopotse lebese; melatswana yohle ya Juda e phalle metsi. Sediba se tla kolla ka Tempeleng ya Morena, se kolle, se nwesetse Kgohlo ya Shitime. 19 “Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato. 20 Naha ya Juda e tla ba le baahi kamehla yohle, Jerusalema e be le baahi ba meloko yohle. 21 Ke tla tshwarela tjhaba sa ka, ke se tshwarele dibe tsa sona, dibe tseo ke neng ke eso se tshwarele tsona. Nna Morena, ke tla aha Sione!” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa