Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:14 - BIBELE

14 Matshweletshwele a sa le ka Kgohlong ya Kahlolo! Letsatsi la Morena le haufi, le atametse, tsatsi la ho theohela ka Kgohlong ya Kahlolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:14
17 Referencias Cruzadas  

empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla.


Ho utlwahala modumo wa letshwele hara dithaba, modumo o kang wa sekgakgathahadi sa batho! Ho utlwahala modumo wa mebuso, lereberebe la mebuso ya ditjhaba di phuthehile! Morena wa mabotho o kgobokanya mabotho a ntwa!


Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo?


A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.


Letsang lenaka le le Sione, le hlabe mokgosi thabeng ya ka e halalelang! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Morena le atametse, tsatsi la Morena le se le le haufi.


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


“Ditjhaba di ke di itokise, di theohele ka Kgohlong ya Jehoshafate; ke tla dula kateng, ke di ahlole, ke ahlole tjhaba tsohle tse phuthehileng.


Ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele ka Kgohlong ya Jehoshafate, ke di ahlolele hona kateng, ka baka la setjhaba sa ka, setjhaba sa ka sa Iseraele, hobane di ile tsa se qhalanyetsa hara baditjhaba, tsa arola naha ya ka dikotokoto.


“Tsatsi le leholo la Morena le atametse, le tla le potlakile, Utlwang, tsatsi la Morena ke leo! Mohlabani o tla howa a se na tshepo.


Hlokomelang dintjha tseno, hlokomelang bano ba etsang bokgopo, hlokomelang bano ba lebollo le se nang thuso.


Empa ha e le mahodimo le lefatshe la kajeno, di boloketswe ho tjheswa, ho ya ka yona taelo eo, mohla letsatsi la kahlolo, ha ho timetswa batho ba kgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos