Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:17 - BIBELE

17 “Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:17
29 Referencias Cruzadas  

bona bao naha e neng e abelwe bona feela, ho se molata o jakileng hara bona.


Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng.


Ba tsebang lebitso la hao ba ke ba o tshepe, ba o tshepe hobane wena Morena, o ke ke wa furalla ba o batlang.


“Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: ‘Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Di ke ke tsa senya kapa tsa ntsha kotsi, hohle Thabeng ya ka e halalelang, hobane fatshe le tla be le tletse tsebo ya Morena, jwalokaha lewatle le tletse metsi.


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Masalla a ileng a sala Sione, le a ileng a sala Jerusalema, ho tla thwe a a halalela; ke ho re bohle ba ngotsweng, e leng ba phelang Jerusalema.


Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.


Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena.


bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.”


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena: “ ‘Morena a o hlohonolofatse, wena leaho la toka, wena o leng thaba e halalelang.’


Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”


Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang.


Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


“Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele.”


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele.’ ”


“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”


E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.”


Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.


Le tla tseba hore ke na le Baiseraele, le hore nna Morena ke Modimo wa lona, ebile ha ho modimo e mong; tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!”


Ke tla tshwarela tjhaba sa ka, ke se tshwarele dibe tsa sona, dibe tseo ke neng ke eso se tshwarele tsona. Nna Morena, ke tla aha Sione!”


Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla, ba qhalantsweng ke ba etse tjhaba se matla. Morena o tla ba busa a le Thabeng ya Sione, a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo, a ba buse kamehla le mehla.


Bonang maoto a moromuwa hodima dithaba, maoto a ya tlisang molaetsa o molemo, ya phatlalatsang molaetsa wa kgotso! Wena Juda keteka mekete ya hao, dikano tsa hao o di phethahatse. Ya kgopo a ke ke a hlola a o futuhela, o timeditswe, a timeletswa ruri.


Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”


Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos