Tadimang Sione, motse wa mekete e halalelang, mahlo a lona a tla bona Jerusalema, leaho la kgotso, tente e ke keng ya thakgollwa, thakgisa tsa yona ha di ka ke tsa kgokgothollwa, thapo tsa yona ha di ka ke tsa kgaoha.
Ba tla aha naheng eo ke e neileng mohlanka wa ka Jakobo, naheng eo bo-ntata lona ba neng ba ahile ho yona. Le bona, mmoho le bana ba bona le ditloholwana tsa bona, ba tla aha teng kamehla, mme Davida, mohlanka wa ka, e tla ba kgosana ya bona kamehla yohle.