Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:6 - BIBELE

6 Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 haele bara ba Juda le bara ba Jerusalema, la rekisa ka bona ho bara ba Jafane, ba tle ba iswe hole le naha ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:6
6 Referencias Cruzadas  

“ ‘Jafane le Tubale le Mesheke le tsona tsa hweba le wena; tsa ananya thepa ya hao ka makgoba le ka dintho tse entsweng ka lethose.


Di ile tsa laola setjhaba sa ka ka lotho, tsa ananya moshanyana ka seotswa, tsa reka veine ka ngwanana, hore di tle di e nwe.


Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.


Ke tla koba Juda sa ha ke koba seqha. Efraime yena e be motsu wa sona. Ke tla hlohleletsa bara ba Sione, ke ba etse sabole ya mohlabani, ba futuhele bara ba Bagerike.”


Bara ba hao le baradi ba hao ba tla newa setjhaba se seng, moo o ntseng o bona; o tla ba hlolohelwa ka dinako tsohle, empa o se na matla a ho etsa letho.


Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: ‘Le ke ke la hlola le e bona hape.’ Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos