Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:4 - BIBELE

4 “Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:4
24 Referencias Cruzadas  

Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame.


Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane.


Morena o kgethile letsatsi la ho phetetsa, le selemo sa ho lefeletsa Sione.


O tla ba putsa ho ya ka diketso tsa bona, a halefele dira tsa hae a be a di otle, ba dihlekehlekeng a ba nee moputso wa bona.


Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.


Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore.


“Bohle balehang naheng ya Babilona! Se timetsweng ka baka la bokgopo ba yona! Nako ena ke ya hore Morena a iphetetse, a putse Babilona ka mokgwa o phethehileng.


Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima.


Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.


A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora.


Empa ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.


“O madimabe wena Korasine! O madimabe wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba dutse moloreng.


Empa kahlolong, ditaba tsa Tire le Sidone di tla mamelleha ho feta tsa lona.


Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.


Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang.


Jafeta a romela maqosa ho kgosi ya Baamone, a re ho yona: “O ntsekisang ha e le moo o tlile ho tla ntwantsha naheng ya ka?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos