Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
Mattheu 9:29 - BIBELE Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etsetswe kamoo le dumetseng kateng. Baasraak Sotho NT Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etswe ka tumelo ya lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o ama mahlo a tsona, a re: Le etswe ka tumelo ya lona. |
Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.
Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.
Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?” Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!”
Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.