Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 10:52 - BIBELE

52 Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Jesu a re ho sona: Eya, tumelo ya hao e o pholositse. Sa bona hang, sa ba sa latela Jesu tseleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

52 Jesu a re ho yena: “Tsamaya; tumelo ya hao e o fodisitse. A phakisa a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Jesu a re ho yena: “Tsamaya; tumelo ya hao e o fodisitse. A phakisa a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:52
22 Referencias Cruzadas  

Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.


Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.


Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa.


Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.


Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.


Jesu a ya ho yena, a mo tshwara ka letsoho, a mo emisa, yaba feberu e a mo tlohela, mme a ba sebeletsa.


Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”


A boela a bea matsoho mahlong a sona, mme sa bona hantle sa fola, sa bona tsohle ka mokgwa o hlakileng esitana le hole.


Empa a re ho mosadi: “Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso!”


a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”


Ha ho eso ka ho utlwahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ya tswetsweng e le sefofu.


Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios