Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:13 - BIBELE

13 Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Jesu o re ho molaodi wa lekgolo: Eya, o etsetswe kamoo a dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola nakong yona eo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Jesu a re ho molaodi wa lekgolo: “Tsamaya; mme ho etswe ho wena kamoo o dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jesu a re ho molaodi wa lekgolo: “Tsamaya; mme ho etswe ho wena kamoo o dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:13
10 Referencias Cruzadas  

Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.


A re ho yena: “Ka baka la polelo ena, ikele, modemona o tswile ho moradi wa hao.”


Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”


Jesu a re ho lona: “Eya, mora wa hao o phetse.” Monna eo a dumela polelo eo Jesu a mmoleletseng eona, mme a ikela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos