Mattheu 9:27 - BIBELE Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a tloha moo, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, o re utlwele bohloko. Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tloha teng, difofu tse pedi tsa mo latela, tsa howa, tsa re: Mora Davida, re utlwele bohloko! |
Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.
Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”
a re: “Morena, hauhela mora wa ka, hobane o shwa sethwathwa, o utlwa bohloko ka ho fetisisa, mme o atisa ho wela mollong le metsing.
Ha baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba bona tse hlollang tseo a di entseng, le bana ba howang ka Tempeleng, ba re: “Hosanna ho Mora wa Davida!” ba halefa haholo.
Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”
Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?” Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!”
o atisa ho mo lahlela mollong le metsing, hore o tle o mo timetse, empa haeba o ka etsa ho hong, re hauhele, mme o re thuse.”
Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.
Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”
Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida;
Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!