Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.
Mattheu 8:13 - BIBELE Yaba Jesu o re ho molaodi wa lebotho: “Eya, o etsetswe jwalokaha o dumetse!” Mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o re ho molaodi wa lekgolo: Eya, o etsetswe kamoo a dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola nakong yona eo. Baasraak Sotho NT Jesu a re ho molaodi wa lekgolo: “Tsamaya; mme ho etswe ho wena kamoo o dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho molaodi wa lekgolo: “Tsamaya; mme ho etswe ho wena kamoo o dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo. |
Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.
Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.
Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”
Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.
Jesu a re ho lona: “Eya, mora wa hao o phetse.” Monna eo a dumela polelo eo Jesu a mmoleletseng eona, mme a ikela.