Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 9:23 - BIBELE

23 Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Jesu a re ho yena: Ha o ka dumela, tsohle di ka etsetswa ya dumelang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Jesu a re ho yena: Ha o ka dumela, tsohle di ka etsetswa ya dumelang.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:23
12 Referencias Cruzadas  

Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


A re: “Tloo!” Yaba Petrose o tswa sekepeng, o tsamaya hodima metsi, o leba ho Jesu.


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.


o atisa ho mo lahlela mollong le metsing, hore o tle o mo timetse, empa haeba o ka etsa ho hong, re hauhele, mme o re thuse.”


Yaba ntata ngwana o a howa, o re: “Ke a dumela; thusa ho hloka tumelo ha ka!”


Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela.


Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”


Monna enwa a mamela Paulosi ha a bua. Ha Paulosi a mo tadima, mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa,


Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios