Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.
Mattheu 7:17 - BIBELE Ka mokgwa o jwalo, sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe. Sesotho 1909/1961 (SO) Efela sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha ditholwana tse mpe. Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo sefate se seng le se seng se setle se beha ditholwana tse monate; empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo sefate se seng le se seng se setle se beha ditholwana tse monate; empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe. |
Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.
ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.
Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.”
O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”
Sefate se monate se sitwa ho beha ditholwana tse mpe, le ha e le sefate se sebe ho beha ditholwana tse monate.
Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.
Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.