Jeremia 11:19 - BIBELE19 Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa. Ver Capítulo |
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.