Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Efela sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha ditholwana tse mpe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ka mokgwa o jwalo, sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Ka mokgwa o jwalo sefate se seng le se seng se setle se beha ditholwana tse monate; empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ka mokgwa o jwalo sefate se seng le se seng se setle se beha ditholwana tse monate; empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 7:17
15 Referencias Cruzadas  

O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.


Sefate se monate se ka sitwa ho beha ditholwana tse mpe, mme sefate se sebe se ka sitwa ho beha ditholwana tse monate;


Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos