Isaia 61:3 - BIBELE3 ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa. Ver Capítulo |
ba hopole matsatsi ao e le matsatsi ao Bajuda ba ileng ba phomola ho dira tsa bona ka wona. Ba hopole kgwedi eo e le kgwedi eo ka yona mahlomola a Bajuda a ileng a fetoha thabo, le dillo tsa bona di ileng tsa fetoha mokete wa thabo. Matsatsi ao ba a hopole e le matsatsi a mokete le a thabo. Ka matsatsi ao ba abelane dimpho, ba be ba di abele le mafutsana.