Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 61:4 - BIBELE

4 Ba tla tsosa masupi a kgale, ba ntjhafatse thako tsa boholoholo; ba tla tsosa metse e neng e ripitlwe, dithako tsa meloko e mengatangata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba tla tsosa marako a kgale, ba tsose masupi e senyehileng kgale, ba ntjhafatse metse e senyehileng, esaleng e le dithako mehleng ya kgale.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 61:4
11 Referencias Cruzadas  

Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.


Morena wa mabotho o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona.


Lebisa mehato ya hao dithakong, dithakong tseo tsa kgale, sera se sentse tsohle tse ka Sehalalelong.


Binang pina tsa thabo, le di bine le le mmoho, binang lona masupi a Jerusalema, hobane Morena o tshedisitse, a tshedisa setjhaba sa hae, Morena o lopolotse Jerusalema.


Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.”


Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.


“Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos