Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:9 - BIBELE

9 Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 (Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 (Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:9
18 Referencias Cruzadas  

Bontshang ka diketso hore le bakile,


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


Bana beso, nna ke kgodisehile hore lona le molemo, le na le tsebo yohle le matla a ho eletsana.


Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?


Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.


Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.


Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,


le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.


Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.


Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,


Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos