Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:12 - BIBELE

12 Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Bana ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba keteka le lona, ba iphepa ba se na tshabo; ditlhare tse maungo a tsona a swabang, tse di se nang maungo, tse di suleng gabedi, tse di kumotsweng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Bana ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba keteka le lona, ba iphepa ba se na tshabo; ditlhare tse maungo a tsona a swabang, tse di se nang maungo, tse di suleng gabedi, tse di kumotsweng;

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:12
35 Referencias Cruzadas  

ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.


Metso ya sona e rarahana hara qubu ya majwe, e itshwarella hodima matlapa.


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana.


Motho ya ithorisang ka dimpho tsa molomo, o jwaloka maru le moya o se nang pula.


“Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho.


Morena Modimo o bua tjena: Ke tla lwantsha badisa, mohlape wa ka ke o batle ho bona, ke be ke ba tlose bodiseng ba wona, e le hore ba tle ba se hlole ba iphepa ba le bang. Ke tla ntsha mohlape wa ka hanong la bona, ba se hlole ba iphepa ka wona.’ ”


Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng?


“Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?


Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.


Empa Morena o re: “Wena Efraime, ke etse jwang ka wena? Wena Juda, ke etse jwang ka wena? Rato la lona le ka mohodi o thibang hoseng, le ka phoka ya meso e nyamelang kapele.


“Haeba lefu le hlaha hape kamora hoba ho qhebollwe majwe, ho thebolwe mabota, ho be ho dilwe hape,


empa hoba letsatsi le tjhabe, la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.


A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa.


Yare ha letsatsi le tjhaba la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


E nngwe ya wela mokurutlaneng, mme hoba e mele, ya pona ke ho hloka mongobo.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya.


Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.


Le phetse menateng le menyakeng mona lefatsheng, la inontshetsa letsatsi leo ka lona le tla hlajwa jwaloka dinku.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos