La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 5:22 - BIBELE

Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa nna ke re ho lona: E mong le e mong ya halefelang ngwanabo ntle ho lebaka, o tla tshwanelwa ke kahlolo; o tla ba kotsing ya mollo wa dihele.

Ver Capítulo



Mattheu 5:22
93 Referencias Cruzadas  

Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso.


Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.


Shimei ha a hlapaola Davida o ne a re: “Tloha mona! Tloha mona, wena mmolai towe ya kgopo!


Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”


Akabe a kgutlela lapeng ha hae, pelo ya hae e tetebetse, a hloname, ka lebaka la puo eo Nabote wa Mojesereele a e buileng ho yena, hobane o ne a ile a re: “Nke ke ka o nea lefa la bo-ntate.” A ya paqama betheng ya hae, a shebile leboteng, a ikgurumetsa, a hana le ho ja.


Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.


Naheng yohle ya Juda a bea moahlodi motseng o mong le o mong o haheleditsweng.


Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!


ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo, ba mphutuhela ntle ho lebaka.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.


Bohle ba o tshepang ha ba hlajwe ke dihlong, dihlong di hlaba ba sa tshepahaleng.


Ba itshemmeng bora ho nna ba se ithabise ka nna, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba se nnyemotse;


Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe.


Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla.


Ke kgathetse ke ho meketsa, ke se ke tjhele lentswe; mahlo a ka a se a fifetse ke ho nna ke lebella Modimo.


Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka,


Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang!


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Leleme la sethoto le baka diqabang, polelo tsa sona di se memela ho shapuwa.


Jwaloka nonyana e fuamang mahe e se a yona, ya ruang ka mano le yena o jwalo, bohareng ba bophelo ba hae maruo ao a tla mo fella, qetellong bothoto ba hae bo bonahale.


Ke phaladisitswe ke dira tsa ka ho se lebaka, tsa mphaladisa sa ha ho phaladiswa nonyana.


Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, mme a laela hore a bitsetswe bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego. Yaba banna ba tliswa kapele ho kgosi.


Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.


“Kaha o no hlekefetse ngwaneno Jakobo, dihlong di tla o aparela, wena o timele, o timelle ruri!


Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo.


Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?”


“Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,


ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”


Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo;


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,


Baprista ba baholo le lekgotla kaofela ba batla bopaki bo ka tswang Jesu, hore ba tle ba mmolaye, empa ha ba a ka ba bo fumana.


E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato.


Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!


Ha bo sele, lekgotla la baholo ba setjhaba la phutheha, le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tlisa Jesu kgotleng la bona,


Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata?


Empa lentswe le ngotsweng Molaong wa bona, le reng: ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka,’ le tshwanetse ho phethahala.


Letshwele la araba, la re: “O na le modemona; ke mang ya batlang ho o bolaya?”


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?” Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu.


Ka la hosasane, kaha a ne a lakatsa ho tseba hantle hore na Paulosi o qoswa kang ke Bajuda, a mo lokolla, a laela hore baprista ba baholo, le lekgotla lohle, ba phuthehe, a nto tlisa Paulosi, a mo emisa kapele ho bona.


Paulosi a tadimisisa lekgotla, a re: “Banna ba heso, ke nnile ka phela ka letswalo le kgutsitseng pela Modimo ho fihlela ka letsatsi lena.”


Kapa bona bana ba bolele molato oo ba o fumaneng ha ke ne ke eme kapele ho lekgotla;


Ha ba se ba ba laetse ho tswela kantle ho lekgotla, ba buisana,


Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta. Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola.


Ha ba ba tlisitse, ba ba emisa ka kgotla, mme Moprista e Moholo a ba botsa,


Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.


Bohle ba neng ba dutse ka kgotla, ba mo tjametse, ba bona sefahleho sa hae e ka sa lengeloi.


Ke yena Moshe enwa ya itseng ho bana ba Iseraele: ‘Hara bana babo lona, Modimo o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna.’


Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.


le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.


Empa motho o qosa ngwanabo, le hona kapele ho bao e seng badumedi.


Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: ‘Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi.’ ”


“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,


Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile?


Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.


Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale.


Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.”


Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi.