Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:35 - BIBELE

35 “Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarelane bohle ka pelo tsa lona tsohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

35 Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Le Ntate ya mahodimong o tla le etsa jwalo, ha le sa tshwarele e mong le e mong ngwanabo ditlolo tsa hae ka dipelo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:35
16 Referencias Cruzadas  

Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.


Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo.


Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena.


Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo.


Monga hae a halefa, a mo neela bahlokofatsi ho fihlela a ka lefa molato kaofela.


o re tshwarele ditshito tsa rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba re sitetsweng;


Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.


Athe ha le sa tshwarele, Ntata lona ya mahodimong le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.”


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano.


Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos