Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:2 - BIBELE

2 Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ba se ke ba nyefola motho, ba tshabe dikomang, ba be bonolo, ba etsetse batho bohle ka mosa wohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:2
35 Referencias Cruzadas  

O nneile thebe ya hao e pholosang, paballo ya hao e a nkgodisa.


Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona.


Motho ya halefang haholo o tla otlwa, ha o mo pholosa o tla boela o pheta hape.


Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang.


paki ya bohata, e bolelang leshano, le ya jalang diqabang hara bana ba motho.


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.


Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”


le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.


Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,


Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.


Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle.


Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.


le hoja re ka be re nnile ra le kgoka, kaha re le baapostola ba Kreste. Empa re ile ra ba bonolo ha re le hara lona, jwalokaha mosadi a baballa bana ba hae.


Basadi le bona ba be le boitlhompho, ba se bue batho hampe, ba be le boitshwaro dinong, mme ba tshepahale dinthong tsohle.


E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang.


Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle.


“Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.


Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.


Ba a makala, ebile ba a le nyefola, ha le se le sa kgeme le bona bophelong boo bo hlaha ka ho fetisisa.


haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;


Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona.


Ka mokgwa o jwalo le bona batho bana ba lorang, ba silafatsa mmele ya bona, ba nyedisa borena ba Modimo, ba nyefola mangeloi a tlotlehang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos