Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:13 - BIBELE

13 Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, mme a laela hore a bitsetswe bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego. Yaba banna ba tliswa kapele ho kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Nebukadnesare o ba bohale, a halefa, a re, ho tliswe Shadrake le Meshake le Abede-Nego. Banna bao ba tliswa pela morena.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:13
15 Referencias Cruzadas  

empa a se ke a kgahlwa ke Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo, sefahleho sa hae sa tsunkana.


Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona.


Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.


Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.


Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe.


Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.


Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.


“Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


“Empa pele ho tseo tsohle ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba neelane ka lona matlung a thapelo le ditjhankaneng, ba le ise pela mahosi le babusisi ka baka la lebitso la ka.


Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.


Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos