Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:5 - BIBELE

5 Empa ke tla le lemosa eo le ka mo tshabang: Tshabang ya nang le matla a ho lahlela diheleng, ha a se a bolaile! E, ke a le bolella, mo tshabeng!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Empa ke tla le bontsha eo le tla mmoifa: Boifang eo ereng ha a bolaile a nang le matla a ho lahlela diheleng; ee, ke re ho lona: Mo tshabeng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa ke tla le bontsha eo le tla mmoifa: Boifang eo ereng ha a bolaile a nang le matla a ho lahlela diheleng; ee, ke re ho lona: Mo tshabeng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:5
16 Referencias Cruzadas  

Morena o itsebahaditse, o phethahaditse kahlolo, ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi, mesebetsi ya diatla tsa bona.


Ya tshabang Morena o na le qhobosheane, bana ba hae ba fumana setshabelo.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


ba baleha Bakalatiya. Ba ne ba ba tshaba, hobane Ishemaele, mora wa Netaniya, o ne a ile a bolaya Gedaleya, mora wa Ahikama, eo kgosi ya Babilona e neng e mo kgethile hore e be mmusi wa naha eo.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


Empa lona, hlokomelang: Ke le boleletse tsohle e sa le pele.”


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


Ke ntho e tshabehang ho wela diatleng tsa Modimo ya phelang.


Modimo ha a a ka a qenehela mangeloi a entseng sebe, empa o ile a a dihela diheleng, madumeleng a lefifi, moo a boloketsweng letsatsi la kahlolo.


La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Jwale Lefu le Nqalo ya Bafu tsa akgelwa letsheng la mollo. Letsha lena la mollo ke lona lefu la bobedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos