Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:23 - BIBELE

23 “Ha ho le jwalo, ha o nyehela ka mpho ya hao aletareng, mme teng o hopola hore ngwaneno o na le disuwa le wena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka baka leo, ha o hlahisa kabelo ya hao aletareng, mme teng o hopola hobane ngwaneno o na le taba le wena,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Ka baka leo, ha o tlisa mpho ya hao aletareng, mme o hopola o le moo hobane ngwaneno o na le taba le wena;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ka baka leo, ha o tlisa mpho ya hao aletareng, mme o hopola o le moo hobane ngwaneno o na le taba le wena;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:23
17 Referencias Cruzadas  

Jwale moqhatsetsi e moholo a bua le Faro, a re: “Kajeno ke hopola diphoso tsa ka.


Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.


Pelo ya ka e di hopola kamehla, e nyahame ka sefubeng sa ka.


Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo?


siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao.


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.


Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos