Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.
Mattheu 28:20 - BIBELE le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.” Sesotho 1909/1961 (SO) mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Baasraak Sotho NT le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen. |
Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.
Benaya, mora wa Jehoyada, a araba kgosi, a re: “A ho ke ho be jwalo! Morena Modimo wa monga ka, kgosi ya ka, le yena a tiise taba eo!
Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, a bokwe jwale, le kamehla yohle.” Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!”
“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”
Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Re tshwanetse ho nka leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, kamoo a ka re laelang kateng.”
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.
“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.
“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.
Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,
hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”
Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”
o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’
Ha e le bona ba tsamaya, ba ruta kahohle, Morena a ntse a sebedisana le bona, a tiisa lentswe ka dipontsho tse le felehetsang.
Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.
Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.
Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe,
Haeba e mong o teng ya lekanyang hore ke moporofeta, kapa o na le neo ya Moya wa Modimo, eka kgona a hlokomele hore tseo ke le ngollang tsona ke molao wa Morena.
“Tsohle tseo ke le laelang tsona le hlokomele ho di phetha. Le se ke la eketsa letho, kapa la fokotsa letho ho tsona.”
“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.
Ke yena eo re phatlalatsang tsa hae. Re ntse re lemosa batho bohle, mme re ba ruta bohlale bohle, hore re tle re ba hlahise e le ba phethehileng ho Kreste Jesu.
Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.
Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.
Hopolang he tse neng di bolelwe e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tse tswang ho Morena le Mopholosi wa rona, tseo le neng le di newe ke baapostola ba lona.
ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.
“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.