Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 41:10 - BIBELE

10 O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:10
63 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna.


empa seqha sa hae se ntse se tiile, o matjato diatleng le matsohong a hae; o thuswa ke matsoho a Ya Matla wa Jakobo, e leng Modisa, Lefika la Iseraele.


Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka, empa Morena a nthusetsa.


Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.


Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”


Yena o tshepile matla a hae, athe rona, Modimo o na le rona; o tla re thusa, a re lwanele.” Mantswe a Hesekiya, kgosi ya Juda, a tsosa setjhaba molota.


Mpholose saboleng e sehloho, namolele matsohong a baditjhaba ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata.


ba buang mashano ka melomo ya bona, ba phahamisang matsoho ho hlapanyetsa bohata.


Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng.


Tlotlisa Morena, wena Jerusalema, wena Sione, rorisa Modimo wa hao.


O nnea thebe ya hao e pholosang, letsoho la hao le letona le a ntshehetsa, paballo ya hao e a nkgodisa.


Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


Morena a ke a matlafatse setjhaba sa hae, Morena a ke a se hlohonolofatse ka kgotso.


Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae.


hobane matla a ya kgopo a tla fediswa, athe Morena o tshehetsa ya lokileng.


Leha ba ka wa, ha ba tjapallele ruri, hobane Morena o ba nenesa ka letsoho.


Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Ditjhaba di a befa, mebuso e a sisinyeha; ha a kgaruma, lefatshe le a qhibidiha.


hobane o mothusi wa ka, ke nyakalla moriting wa mapheo a hao.


Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.


O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.”


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.”


yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: ‘Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.


Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.


Bonang, Morena Modimo ke yena ya nthusang! Ke mang ya ka mphumanang ke le molato? Baqosi bohle ba ka ba tla thotjhoha, ba thotjhohe jwaloka seaparo, tshwele e ba je, e be e ba fedise!


A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!”


Letsatsi e ke ke ya hlola e eba lesedi la hao motsheare, le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola e o bonesetsa; Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, Modimo wa hao e be yena tlotla ya hao.


Wa atamela ho nna ha ke ipiletsa, wa re ho nna: “O se ke wa tshaba!”


Yaba o re ho nna: “Se tshabe, Daniele, hobane ho tloha ka letsatsi la pele leo ka lona o neng o qale ho batla kutlwisiso le ho ikokobeletsa Modimo wa hao, thapelo ya hao e ne e utlwahale, mme jwale ke tlile ho arabela thapelo eo ya hao.


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


Yaba Morena o re: “Yena o mo ree lebitso la Lebamang, hoba lona ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke Modimo wa lona.”


Jwale Hagai, leqosa la Morena, a phatlalletsa setjhaba molaetsa wa Morena, a re: “Ke na le lona,” ho rialo Morena.


‘Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho.’


Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena.


“Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


Lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Maria, hobane o fumane mohau ho Modimo.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya,


“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Morena a re ho yena: “Ruri ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane jwalokaha eka ke motho a le mong.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios